MMARAKA O HABILWENG
Dihlahiswa tsa NEF di reretswe ho tshehetsa Molao wa 53 wa 2003 wa Matlafatso e batsi ya moruo (BEE), Lewa la BEE le Batsi la Mmuso wa Afrika Borwa le dikarete tsa sephetho tse amehang. Karolo ya Merero ya Sehlopha le Kgwebo ya NEF e reretswe ho tshehetsa lehlakore la bahwebi ba boemo bo bonyenyane le bo mahareng le ho kgothaletsa ntshetsopele ya kgwebo. Ho feta moo, le ho fana ka tjhelete ho thusa ntshetsopeleng ya setjhaba le mererong ya projeke tsa dibakeng tseo eseng tsa diteropo (dibaka tsa mahaeng). Hape ho feta moo e batla ho ntshetsa pele tlwaelo ya ho tsetela tjhelete le dipolokelo Bathong ba neng ba ntse behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ka mananeo a fapafapaneng.
SEHLAHISWA
Ho thehwa ha Mmaraka
Ho tshehetsa pele BEE ho fihlella mmaraka wa tjhelete haholo ho ?.Alt X
Ho netefatsa hore BEE e dula e na le diabo
Ho thusa BEE ka menyetla ya matsete
Mekolokotwane e habilweng
Dikhampani tse atlehileng tsa BEE le Mafapha a Mmuso a hlokang tjhelete ya thepa ya BEE
Merero ya projeke tsa Lewa
Polokelo ya tjhelete ya BEE
Tjhelete ka kotloloho mererong ya diprojeke tse kgolo
Ho tlabola selekane le beng ba matsete ba kgwebo ba IDC/DBSA
Tshehetso ya Mohwebi
Ho fana ka tjhelete jwalo ka pulamadiboho kgwebong
Ho theha selekane le DFI ha mmoho le lehlakore la Setjhaba
Ho nonosa setjhaba sa BEE monyetla wa ho ingodisetsa diabo ka theolelo
Karolo ya lewa la NEF matseteng a hlahisitsweng lenaneng
Tshehetso ya dibaka tseo eseng tsa diteropo le Setjhaba
Ho tsepamisa maikutlo ntshetsopeleng ya setjhaba
Ho theha selekane le mekgatlo ya ditsebi
Letlole la Dikoporasi tsa Kamoso tsa Basadi
TSHEHETSO YA MOHWEBI
Lebaka la Tshehetso ya Mohwebi ke ho kgothaletsa tlwaelo ya bohwebi Bathong ba neng ba ntse ba le ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ho thusa kgolong ya dikgwebo tsa batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng le ho etsa monyetla wa phetoho kgwebong tseo eseng tsa Batho ba neng ba ntse ba le ka mosing nakong e fetileng (non-HDP-owned) le kgwebong tse tsamaiswang.
Lebaka la Matsete a Thekiso a BEE ke ho kgothaletsa tlwaelo ya ho boloka le ho tsetela. Mananeo a Matsete a Thekiso a BEE a tla fuputsa menyetla e loketseng ya ho fumana tjhelete dikhampaning tse hlahang lenaneng la JSE le ho rekisetsa Batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ka theolelo. Sena se tla etswa ka ho tlabola selekane le dikhampani tse hlwailweng le dihlopha tsa BEE tse loketseng, mme ke ntho e tla nyehela mekolokotwaneng ya dikarete tsa sephetho tsa dikhampani tsa BEE le ho thusa ho tiisa selekane sena sa BEE.
NTSHETSOPELE YA DIBAKA TSA MAHAENG LE SETJHABA
Sepheo sa Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le Setjhaba ke ho ntlafatsa monyetla wa ho fihlella matlotlo le tshebeletso tsa tshehetso ya kgwebo bakeng sa batho ba kojwana di mahetleng le ba tjametsweng ke bohloki setjhabeng sa rona. Maikutlo a tsepamisitswe tshehetsong ya setjhaba le ntshetsopeleng ya merero ya projeke tsa dibakeng tsa mahaeng, haholo tse kenyeletsang dihlopha tsa basadi, batjha le batho ba holofetseng. Tsena di tla tiisa hore ho na le phetoho ya sebele metsong kapa tlasetlase dibakeng tseo esale di le ka mosing ka nako e fetileng le tse neng di qheletswe ka thoko moruong.
MOKGWA O SEBEDISETSWANG TSHEHETSO YA MOHWEBI
Tshehetso ya Mohwebi e tla thusa Batho bao esale ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP). Batho bao esale ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ba hlaloswa e le batho ba ileng ba sotleha ka lebaka la kgethollo e leeme le e hlokang toka ka lebala la botjhaba ba bona tlasa kgethollo ya ?apartheid?, mme ka kakaretso ke polelo e hlalosang Batho ba Batsho ba Afrika Borwa (Ma-Afrika, Makhalate le Ma-India).
Tshehetso ya Mohwebi e tla fana ka tshehetso dikgwebong tse nang le Batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) monyetla wa thuo le tsamaiso ya kgwebo. Batho ba etsang dikopo ba lokela ho bontsha seabo sa bona sa nnete moo ho etswang diqeto boemong ba lekgotla, ba phethahatso, ba tsamaiso le boemong ba tshebetso.
Batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing ba lokela ho utlwisisa hore ba kena moo ho leng thata e le kannete hore ba tle ba kotule ditholwana tsa mosebetsi wa bona. Ka mantswe a mang, bophelo ba batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng bo lokela ho itshetleha katlehong ya kgwebo ena. Bahwebi ba lokela ho bontsha le dinyehelo kgwebong, e ka ba tsa tjhelete kapa tsa sebopeho se seng.
Tshehetso ya Mohwebi e ka tshehetsa kgwebo tseo hona jwale eseng tsa batho ba batsho kapa hona ho tsamaiswa ke batho ba batsho, ha feela ho na le moralo o qaqileng wa ho netefatsa hore batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ba tla ba le monyetla wa thuo kapa ba tla kena tsamaisong ya kgwebo tse jwalo ka morao ho nako e itseng. Moralo ona o lokela ho kenyeletsa tsela ya ho lekanya mekolokotwane ya khampani ya phetoho, ntshetsopele ya mahlale le ho a fetisa, ha mmoho le ho thehwa ha menyetla e metjha ya mesebetsi.
Tshehetso ya Mohwebi e tla hloma ka pele bahwebi le dikgwebo tse kgonang ho bontsha hore dikgwebo tsa bona di tla tshwarella nako e telele. Ba lokela hore ba bontshe hore kgwebo e ka kgona ho phela le ho atleha ho fihlela ntlheng ya ho lefa molato ofe kapa ofe o ileng wa ba teng tsamaisong e tlwaelehileng ya kgwebo ena.
Tshehetso ya Mohwebi e tla tshehetsa feela bahwebi le dikgwebo tse inyalanyang le melao ya Afrika Borwa. Kgwebo tse sebetsang ntle le dilaesense le boingodiso, kapa tse tlolang molao ofe kapa ofe, di keke tsa fumana tshehetso.
MOKGWA WA HO TSHWANELEHA WA DIHLAHISWA
Boholo ba matsete
Matsete a dipakeng tsa R250 000 le R1 million
Ho thusa ka ho thehwa ha dikgwebo tse ntjha tse ruilweng kapa tse tsamaiswang ke batho ba batho ba nang le bokgoni ba ho ba bahwebi ba banyenyane kapa ba mahareng ba kgonang ho tshwarella nako e telele kgwebong tseo
Ho thusa ka kgolo le ntshetsopele ya kgwebo tse teng hajwale tse ruilweng kapa tse tsamaiswang ke batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ka ho fana ka tjhelete ya katoloso ya kgwebo
Ho thusa ka ho tlisa phetoho thuong, boemong ba ho etsa diqeto le ba taolo ya dikgwebo, le ho kgothaletsa thuo e batsi ya basebetsi
Mefuta ya mekgatlo e fuwang tshehetso
CCs le dikhampani tsa (Pty) Ltd moo balaodi ba amehang tshebetsong le moo boleng ba kgwebo yohle pele ho tsetelwa tjhelete, bo leng dipakeng tsa R1 million le R10 million
Dikhampani tse sa kenngwang lenaneng
Mefuta ya boholo ba tshebetso
Ho fumana thepa
Ho tshehetsa ka tjhelete e sebediswang kgwebong
Tjhelete ya thuso
Ho fumana dilaesense le difrentjhaese
Tsoseletso ya kgwebo, khiro ya lisi le dibonto tsa tshebetso
Matsete a sebedisetswa haholo ho tshehetsa ka tjhelete katoloso, ka ho kolletsa kapa ka sebopeho.
Tshehetso ya Bokeno a Basebetsi (buy-ins), Meralo ya thuo ya diabo ke basebetsi
Mefuta ya Matsete
Melato (e sireleditsweng le e sa sireletswang)
Tjhelete
Melato e sireleditsweng
Melato e kgonang ho fetolwa (e kgonang ho fetolewa tjheleteng nakong e itseng e tlang)
Tjhelete e hlonngweng ka sehlohlolong (beng ba diabo ba behilweng ka sehlohlolong ba lefuwa pele ho beng ba diabo ba bang)
Melato e sireleditsweng
Molato o kgonang ho fetolwa
Tjhelete e hlonngweng ka sehlohlolong
Tjhelete
Bonyane tjhelete e etsang 75% e lokela ho tswa ho batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP)
Bonyane tjhelete e etsang 51% e lokela hore o laolwe ke batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP)
Bonyane tjhelete e etsang 26% e lokela hore e tshwaelwe thuo ya batho ba neng ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (HDP)
Tjhelete ya Letlole kaofela e neng e habilwe
% ho isa ho 20% ka selemo
% ho isa ho 20% ka selemo
% ka selemo
Matsete a BEE a thekiso e reretswe ho kgothaletsa tlwaelo ya dipoloko le hore ho be le tjhelete bathong ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP).
Ka ho fumana menyetla e loketseng ya matsete a tjhelete le ho e hlophisa ha mmoho le mananeo a thuto. Matsete a BEE a Thekiso a reretswe ho bopa tlwaelo ya poloko ya tjhelete le hore batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ba iketsetse matsete.
A tla thusa hore batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ba kene ka mokgwa o batsi ho feta thuong ya kgwebo ho la Afrika Borwa. Sena se tla thusa ho theha mokgahlelo o motjha wa beng ba matsete JSE Securities Exchange
Matsete a BEE a Thekiso a tla rala le ho hlophisa dihlahiswa tsa matsete ho fokotsa ditefello tsa kgwebo, mme tsona di tla nonoswa batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP) ka theolelo.
Ka lenaneo la selekane le tshebedisano le dihlopha tsa BEE, ho tla fumanwa seabo sa tjhelete sa bohlokwa dikhampaning tse hlwauweng tse ka rekisetswang batho bana ba neng ba ntse ba le ka mosing nakong e fetileng (HDP) eleng ntho e tla tswala matlafatso e batsi ya moruo.
NTSHETSOPELE YA DIBAKA TSA MAHAENG LE YA SETJHABA
Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le ya setjhaba e thusa ditjhaba ho fumana diabo (tjhelete) mererong ya projeke tse kenyang tjhelete tse tla kgannela tabeng ya ho phahamisa maemo a bophelo dibakeng tse neng di qheletswe ka thoko nakong e fetileng moruong.
MOKGWA WA DITLHOKO TSA HO TSHWANELEHA
Tshehetso e fumanwa ke dihlopha tse tswang bathong ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (di-HDP)
Mekgatlo e thehilweng setjhabeng le dihlopha e tshwanetswe ke ho fumana tshehetso.
Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le ya setjhaba e tla behella ka pele merero ya diprojeke tse nang le melemo ya ho phahamisa setjhaba haholo. Mona ho ka kenyeletswa le ho thehwa ha menyetla e metjha ya mesebetsi dibakeng tse neng di qheletswe ka thoko nakong e fetileng moruong.
Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le ya setjhaba e tla tsetela feela mererong ya diprojeke tseo ho tsona ho nang le morero wa projeke e ka sehlohong le moo beng ba matsete ba bang ha mmoho le beng ba matlotlo ba bang ba fanang ka tshehetso. Letlole le tla fella feela karolong ya matsete a setjhaba morerong wa projeke eo.
Merero ya diprojeke e lokela hore e etswe ha mmoho le molekane ya ananelwang ke NEF.
MOKGWA O MOHOLO WA TOKELO YA SEHLAHISWA ? NTSHETSOPELE YA DIBAKA TSA MAHAENG LE YA SETJHABENG
Boholo ba matsete
Ho fana ka thuso kamehong ya batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng (HDP) ntshetso peleng ya morero wa projeke e phahamisang setjhaba, moo ho hlokehang thuo ya setjhaba le moo ho hlahiswang leruo le fehlang tjhelete e kenang molemong wa setjhaba
Mefuta ya mokgatlo
Ha ho na meedi e sehetsweng mofuta wa mokgatlo o tshehetswang
Mefuta ya kgwebo ya sehloho
Phano ya tjhelete ya letlole
Tse qoholotsweng hore di qheletswe ka thoko
Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le ya setjhaba e keke ya thusa ka tjhelete ya mofuta ofe kapa ofe moo taba ya ho fana ka matlo e leng sepheo sa morero wa projeke.
MOHATO WA 1
Ho fumana ditlhoko tsa thuso ya tjhelete tsa kgwebo le ho bontsha sebopeho sa kgwebo e ilo etswa qalo, katoloso kapa ho kena buy-in kapa ho tswa buy-out
Thuso efe kapa efe e hloka mohlodi wa tjhelete ya thuso ho sa tsotelehe hore ke kgwebo e ntjha, kgwebo e hodiswang kapa kgwebo e ntseng e le teng e hlokang ho fetolwa thuong ya yona. Mohato wa pele ka hoo ke ho tsepamisa hore ke thuso e kae ya tjhelete e hlokehang. Haeba tlhoko ke ho reka kgwebo hang hang kapa ho fumana seabo kgwebong, ho hlokeha tjhelete e kae? Haeba lebaka ke ho thusa ka tjhelete ya ho atolosa kgwebo ? ho hlokeha tjhelete e kae? Haeba morero ke ho qala kgwebo ? ho hlokeha tjhelete e kae ho tloha fatshe ho fihlela tsamaisong e loketseng ya tjhelete
MOHATO WA 2
Botsa potso: Naa taba ya ho tsetela kgwebong ena e nyalana le mokgwa o tshwanetseng?
Lenaneo la Tshehetso ya Mohwebi la NEF le na le mokgwa o boima o loketseng ho kgotsofatswa pele. Netefatsa hore wena le moifo wa hao wa tshebetso le tshwanelwa ke ho thuswa ho latela mokgwa wa Tshehetso ya Mohwebi e qaqisitsweng bukaneng ena. Ha o sa tshwanelwa ke ho fuwa thuso .O SEKE WA ETSA KOPO
HAEBA O TSHWANELWA KE HO FUWA THUSO LEBA MOHATONG WA 3
MOHATO WA 3
Botsa potso: Naa taba ya ho tsetela kgwebong ena e nyalana le mokgwa wa ditlhoko se tshwanetseng sa Tshehetso ya Mohwebi?
Ipapise le ho utlwisisa Dihlahiswa tsa Mohwebi: Mohlahisi, Mopotlakisi le Mofetodi. Hlahloba hore ke dihlahiswa dife tse loketseng ho latela boholo ba kgwebo eo o e rerileng, mofuta wa kgwebo le tlhoko tse ding tse loketseng. Haeba kgwebo eo o e hopotseng e sa wele kahare ho meedi e behilweng ? O SEKE WA ETSA KOPO.
Empa haeba o tshwanelwa ke ho etsa kopo, re kopa hore o tlatse kopo e kgutsufaditsweng ya thuso ya tjhelete (tadima Mohato wa 4)
HA O TSWANELWA KE HO ETSA KOPO LEBA MOHATONG WA 4
MOHATO WA 4
Nehelana ka kakaretso ya thuso ya tjhelete
Re dumela hore mokgwa o motle wa ho qala ke ho tshwara ditherisano pele le ho kopa mohwebi hore a nehelane ka kakaretso e kgutshwanyane ya kgwebo ya hae, ha mmoho le lesedi le hlokehang la molao le la boikamahanyo. Mona ho kenyeleditswe lesedi la kgwebo, beng ba kgwebo, boetapele le tsamaiso. Ka bomadimabe dikopo tse sa tlatswang ka ho phethahala di keke tsa fetiswa, ka hoo o kgothaletswa ho netefatsa hore kopo ya hao e tlatsitswe ka mokgwa o phethahetseng. Ka bomadimabe re keke kena dipuisanong dife kapa dife le wena ho fihlela o nehelane ka lesedi lena. Re hlahloba kopo e nngwe le e nngwe mme o tla fuwa karabelo.
MOHATO WA 5
Nehelana ka kopo e batsi ya kopo ya thuso ya tjhelete.
Haeba kopo ya hao e kgotsofatsa ditlhoko tsa bohlokwa tsa ho thuswa ka tjhelete ebile le kgwebo e nyalana le mekgahlelo e fapafapaneng ya dihlahiswa, re tla etsa tlhatlhobo ya selelekela ya monyetla o teng ho latela lesedi le amohetsweng. Haeba re nahana hore monyetla o a utlwahala mme o na le kgohedi e ntle ya hore o tshehetswe ka tjhelete, re tla o mema hore o nehelane ka tlhahiso ya Kopo e Batsi. Tlhahiso ena hantlentle ke Moralo wa Kgwebo o phethahetseng o sebedisetswang ho hlahloba monyetla ka botebo bo boholwanyane. Sena se boetse se o qobella ho nehelana ka moralo o batsi eleng tshebetso ya bohlokwa ka dinako tsohle kgwebong e nngwe le e nngwe.
MOHATO WA 6
Mohlanka wa phethahatso wa kgwebo o tla bala kopo ya hao e batsi ya thuso ya tjhelete mme a ikopanye le wena ho o botsa dipotso tse itseng le ho kopa lesedi le leng le hlokehang. Ka morao ho moo re tla hlophisa kopano.
